Sekali Express Services - PTYltd

Sekali Express Services - PTYltd

Share

Stop stressing Sekali Express is your answer just call us sit down and relax will take you safely to your destination. with experience since 1965 we know how to make you happy and safe.

11/02/2023

Kgotsong Bana ba Thesele.

La tseba ho kgotsofatsa Mosotho ke ntho e thata kannete empa,re tla leka.

Bana ba ntate honale ntho Tse re ka di qoqang marangrang mona, honale ntho Tse o ke keng wa di qoqa. Jwale ke ya le hlompha mme ke kopa hlompho ho lona.

Ntata Sekali ha ane a qala company Ena eleng SEKALI EXPRESS SERVICE (PTY)LTD o e qadile ka ho tsamaisa Basotho, ra fihla ra Hola, are rupella, aba are siya ( Moya wa hae o phomole ka kgotso) e ntse ele company e tsamaisang Basotho.

Ha hona le ka tsatsi le baduweng aileng are company Ena etla ba;
1. Passport office
2. Agent
3. Home affairs
4. SAPS
Jwale batswadi ka kopo hle leqhepe lena ke la transport feela.

Haeba o ba tla thlakisetso ka hohong ka ntle ho transport e kise officing.

Hobane le ya botsa ha ke araba lere ke araba hampe, ha ke sa arabe lere keya i kgantsha.

HO THATA HO KGOTSOFATSA MOSOTHO.

KGOTSO!!!! PULA!!!!NALA!!!!BASOTHO

10/02/2023

Kgotsong Bana ba ntate.

Ke tlo buwa kapa hona ho le kopa kgetlo la hoqetela
1. Ke ile ka le tsibisa h**e SEKALI EXPRESS SERVICE (PTY)LTD Hase home affairs, ha e tshidise batho, ha e sebetse boader gate.
2. Kare SEKALI EXPRESS SERVICE (PTY) LTD ke company e tsamaisang batho ho tloha Soweto ho ya Lesotho le ho tloha Lesotho ho ya Soweto.
3. Kare SEKALI EXPRESS SERVICE (PTY)LTD hase agent, ha e batlele batho mesebetsi.
4. Ka kopa h**e potso tsa lona ebe Tse Lebang le transport PHETO TUUUU.

Jwale lona Bana ba ntate le ntse le tswelapele ho mpotsa ka di passport empa ke hlalositse le ntse le tswelapele ho mpotsa ka ho tshela boader gate empa ke hlalositsi. Le ntse le tswelapele ho mpotsa ka agent

Ke kopa le kope Bana kapa motho a tsebang ho Bala a o b***e. O tlohele ho botsa ntho Tse eseng mosebetsi wa ka, eleng ho o tsamaile ho pheta lebaka kapa mabaka a Hao.

Ke qetile le maikutlo h**e ho tloha tsatsing lena wa mpotsa ka
1. Ho tshelwa jwang boarder gate ha o sena passport kapa
2. Passport e Jele matsatsi o tshidiswa jwang kapa
3. Ke bokae ho o tshidisa kapa
4. Agent ho patalwa bokae

Ke tlo o block 🚫 .

BASOTHO E THUTENG HO BALA KA KOPO.

KGOTSO!!!!!!PULA!!!!!!NALA!!!!! BASOTHO.

22/01/2023

Kgotsong Bana ba ntate.
Ke kopa ho le hopotsa h**e SEKALI EXPRESS SERVICE mosebetsi wa sona, ke ho bona h**e o fihla moo o yang teng!!!!
1. O bolokehile,
2. Ka hlompho
3. Ka lerato
4. Ka botshepehi

SEKALI EXPRESS SERVICE ha se
1. Home affairs ( ha e sebetse ka di passport / ho tshela boarder gate)
2. South African Police ( ho tshela border gate)
3. Courier service ( ha e tsamaisi di phahlo, bag, etc)

KE KOPA!! LE TLOHELE HO PHOUNELA LE MPOTSA KA DI PASSPORT KAPA, HO TSAMAISA DIPHAHLO KA HLOMPHO LE BOIKOKOBETSO.

TLHAKISETSO PHONE ; (011)9320683/ (011)9305548/ (011)9321575 / WHATSAPP 0817907879

KGOTSO!!!!PULA!!!!NALA

06/01/2023

Kgotsong Bana ba Ntate.
Bus tsa Ntate Sekali, di fumaneha garage korosong Maputsoe.
Di ntse di deliver bosiu Soweto. Koloi tsa Ntate Sekali di tshabana le Basotho, ka hoo Ntate Sekali o tla o Pepa ka lerato le tshireletso a o behe gate ya Hao.
Ntate Sekali a Keke a o lahle hlatheng bosiu kapa a hane ho o deliver.
Ke KANO eo Sekali Express Service se e entseng ho bona Basotho ba fihla ba bolokehile malapeng.

KE LE TSIBISA H**E NTATE JOMO HA ESALE MOSEBETSI WA SEKALI EXPRESS SERVICE.

Want your organization to be the top-listed Government Service in Soweto?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Telephone

Address


116 Thebeyapelo Street Tladi
Soweto
1868