Lentswe la Modimo

Lentswe la Modimo

Share

23/06/2026

Hoseng hona ha letsatsi ngoaneso sebeletsa Modimo wa hao nako e sa dumela hobane motsotso le hora ha re di tsebe, ha o tswa rapela, ha o fihla leboha Modimo ka thapelo.

Moekelesia 12 Vs 1

O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona.

Ka Kreste Morena wa rona.
Amen

21/06/2026

BoNtate ke dihloho tsa malapa, bontshang malapa a lona tsela ya Jehova, ho fihla Modimo a le hlahisetsa seo a le balletseng sona, ho Bontate bohle Happy Father's day ebang le letsatsi le monate, Modimo wa lerata.

Genese 18 Vs 19

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, h**e ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.

Ka Kreste Morena wa rona.
Amen

19/06/2026

Hoseng hona ntumelle ke kope Modimo ho lo tadima bohle ba robalang ba sena se ka jewang, Ntate tadima bana ba hao, hobane ha se ka ho rata, empa ke seemo seo ba leng ho sona, Modimo a mpolokele wena mafelo ana a beke.

Mattheu 6 Vs 11

O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng.

Ka Kreste Morena wa rona.
Amen

Want your place of worship to be the top-listed Place Of Worship in Mafikeng?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Website

Address


Mafikeng
2739