Lesotho Mounted Police Service

Lesotho Mounted Police Service

Share

Photos from Lesotho Mounted Police Service's post 16/06/2026

BA THULANA SEPOLESENG HA BA ILO TLALEHA

Moalosi Ntsiki – PHQ

Mahlomola Tsietsi (47) oa Linakotseng, Ha Tsolo, Maseru o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka la 12 Phuptjane 2026; moo a tobaneng le qoso ea ho hlaba motho ka thipa le ho mo ntša likotsi.

Lekhotla le mo file beile ea boikaloso, ’me o tla hlaha hape khotla ka la 23 Phuptjane 2026.

Puisanong le Police Constable (P/C) Bosielo Rasupu Motebong oa Sepolesa Ha Thetsane, o re ka la 29 Motšeanong 2026, monna (31) o ile a tlaleha ofisi ea habo h**e o hlabuoe ka thipa ka la 13 Motšeanong 2026, ke motho ea sa mo tsebeng.

A re lehlatsipa le hlalosa h**e le liehile ho tlalehela sepolesa kaha le ile la ba kalafong sepetleng.

O re letsatsing lona leo la tlaleho, moqosuoa o ne a le sepoleseng sa habo le eena, a re o tlo nehelana ka thipa eo a ileng a itšireletsa ka eona nakong eo a hlaseloang ke motho eo a sa mo tsebeng, le ho tla bula nyeoe ea ho khakhathoa.

O re ba ile ba belaela h**e eo ea tlalehang, ke eena ea hlabileng lehlatsipa ka thipa. A re bobeli ba bona ba ne ba bua ka sebaka se tšoanang sa ketsahalo.

A supa h**e moqosuoa o ile a lalla lehlatsipa tseleng e fetang pel’a mabitla a Sealong bosiu boo ba la 13 Motšeanong 2026, eaba oa le nanyetsa; o le hlaba ka thipa maqeba a ’maloa, ha a qeta a itsamaela.

O re lehlatsipa le ile la totobela ha lona moo le ileng la oela fatše pele le kena jareteng, eaba le thusoa ke sechaba ho le potlakisetsa sepetlele.

P/C Rasupu o re liphuputso tsa Sepolesa li boetse tsa utulla h**e moqosuoa o ne a sa khakhathoa ho latela tlaleho ea hae. A re pelaelo ke h**e lehlatsipa le mo ja lirethe.

Inspector (Insp.) Chaka Mohanoe o ipilelitse ho batho ho se sebetse litaba ka maikutlo empa ba batle bokena lipakeng, ho qoba ho kena ka har’a litlolo tsa molao.

Want your organization to be the top-listed Government Service in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Telephone

Address


Parliament Road, P. O. BOX 13 Maseru
Maseru
0100

Opening Hours

Monday 09:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30