Lesotho Defence Force

Lesotho Defence Force

Share

Photos from Lesotho Defence Force's post 09/06/2026

PHATLALATSO EA LITABA

1. Lefapha la Likhokahanyo tsa Sesole le Sechaba le leboha Sechaba sa Basotho ka kakaretso ka tšehetso ho Lesole la mosetsana Private Mafale eo ho bonahetseng a hlaha marangrang a hobosoa ke karolo engoe ea Sechaba.

2. Leha hole joalo ho latela mekhoa le meetlo ea Sesole, Bolaoli ba Sesole sa Lesotho bo fihletse qeto ea h**e limpho tsohle tse ntseng li fanoa ho Lesole lena li ke ke tsa amoheloa entse ele ho boloka tsamaiso, taolo le tšireletso ea Masole.

3. Tšehetso ea Sechaba e thetsitse lipelo tsa Bolaoli ba Sesole ka ha e bontša lerato ho Masole ka kakaretso. Khoboso ena ha e ea ama Lesole lena feela, e boetse e kenyelelitse lelapa, metsoalle, karolo engoe ea Sechaba ekasitana le Sesole ka kakaretso.

4. Lefapha la Likhokanyo tsa Sesole le Sechaba le etsa boipiletso ho bohle ba kenyang letsoho tlhekefetsong ea marangrang (Cyber Bullying) ho emisa ketso ena e malimabe kaha e ka lebisa ho thefuleheng hoa seriti le boitšepo ba lehlatsipa ekasitana le tahlehelo ea bophelo.

5. Re tla leboha tšebelisano mmoho le Sechaba, Khotso.

Want your organization to be the top-listed Government Service in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Telephone

Address


RATJOMOSE
Maseru
100