Revolution For Prosperity - RFP

Revolution For Prosperity - RFP

Share

26/02/2026

Ka la 14-15 February re ile ra qoqopela ka mokhoa ke ona...Re tla beha komiti eo ea Likolo tse kholo hang hoba re fetise tsa Diaspora.
Moruo!

Photos from Revolution For Prosperity - RFP's post 01/12/2025

SECHABA SA MAKHOROANA, REA LEBOHA!

Maobane Makhoroana e pakile pale e ’ngoe e matla ea kholo ea Revolution For Prosperity. Seboka se tsamaile ka katleho e kholo—sechaba se iponahalitse ka bongata, ’me litho tse ncha li ikopantse le Letšolo ka boikemisetso bo hlakileng ba ho haha Lesotho le letle ho feta.

RFP e ntse e atamela selemong sa 2027 ka lebelo — MEHOPOLO E LEBISITSOE PELE. Ho kena ha litho tse ncha ho tloha malapeng a fapaneng a Makhoroana ke pontšo e hlakileng ea h**e Lesotho le tseba h**e na ke mang ea fanang ka tharollo, eseng lerata. Rea bona, rea utloa ’me re ananela tšehetso ena e ntseng e hola letsatsi le letsatsi.

Ka tšehetso ena e matla, RFP e ntse e tiisa motheo oa puso e kenang e nang le morero, e iponahatsang ka mesebetsi, e tsosang moruo ’me e bile e busa ka botšepehi. Sechaba se se se bone phapang, ’me se kena ka sekhahla hobane ba bona h**e RFP e ea tšepahala.

Re ea 2027 re tiile – ka sechaba, ka morero le ka sepheo.

RFP ke lehae la bohle ba lakatsang Lesotho le tsamaeang ka moralo, eseng ka moferefere.

Rea leboha Makhoroana – the ride to 2027 continues!

05/11/2025

Seboka sa Moetapele sa Matelile #54 le 'Maliepetsana #55

Se etsahetseng ’Maliepetsana – Mafeteng ha se lipolotiki feela — ke molaetsa o hlakileng.
Basotho ba khetha tsoelo-pele ho feta lerata, mesebetsi e bonahalang ho feta lipolelo.

Ha litho tse tsoang mekheng e meng li kena ka har’a Revolution for Prosperity, molaetsa o hlakile: batho ba tseba moo bokamoso bo leng hona teng.

Re aha litsela, re bonesa metse, re ts’ehetsa balemi, re hlahisa menyetla ea boipheliso— eseng litšepiso.
Pherekano e tla fela; mosebetsi o tla bua ka boona.

Ena ke phetoho e bonahalang.

Photos from Revolution For Prosperity - RFP's post 26/08/2025

RE HABA HO KOALA KHOELI EA MOSALI OA MOAFRIKA.

Want your organization to be the top-listed Government Service in Maseru West?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Address


Maluti Road
Maseru West
100

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00