Bad Chapter
MOLAHLEI
( karolo ya borobong)
alla ka pelo, meokho e sa tswe.
Molahlei ha a sa fumane mosebetsi, a qelella ho batla ntlo
eo a ka e hirang. Matlo a hiriswang Gauteng a mekhwa e 'meli. A mang ke a 'muso, a mang ke a baahi ba teng. Baahi ba Gauteng ba bangata ba se ba lemohile h**e matlo a hiriswang a etsa chelete e ngata.
Ha ba haha, ba etsa matlo a maholo, a nang le likamore tse ngata. Kamore e nngwe le e nngwe ba e hirisa leshome le metsi e mehlano la lisheleng , kapa ponto, ka khweli
Motse o teng Gauteng o bitswang Orlando. Matlo a oona kaofela ke a 'muso. Mehleng ea pele e ne e le motse o monyenyane haholo ho metse ea Gauteng, empa kajeno o holile haholo. Molahlei ha a ntse a batla ntlo, a fihla motsaneng ona. Eare moo a seng a tetse, ho sa bonahale h**e ntlo a ka e fumana, a kopana le mosali oa Mosotho, oa seithatihali e motle a eme ka litlhako. Lesolanka a le hlabile ka tholopini, liqola tsa lona li qopetsa fatshe, a ntse a le ja ka litswe khafetsa ; matsetlela a hae e le a tsela li kholo; a ntse a tila ka leoto fatshe jwalo ka motho ea sa rateng ho bua.
A le mosehlana bo hapang; nko li le liphara, li mpa li sa mo rone ; a li famola jwalo ja ka poho ea pere ha a bua ; sefahleho a ntse a se soenya hangata, kamoo e leng bokako ba lithope tsa Basotho kateng. O ne a hloka ntho tse tharo feela h**e e be Mosotho ea phethehileng: litobatobi, nyao, le
ho tutuela.
Molahlei mehopolo ea ba ea khelekhetheha ha a ntse a bua le eena. A bona a mo khahla, a mpa a hopola sehloho seo a tswa se fumana, ka baka la ho khahloa feela. 'Me a boela a tiisa kano ea hae ea h**e ha a sa tla khahloa ke moroetsana, leha a ka ba motle joang le joang
A botsa Molahlei lebitso, moo a tsoang le moo a eang; Molahlei a bolela. Le eena a ipolela h**e lebitso la hae ke Botlenyane, o ahile hona moo Orlando. A bolella Molahlei h**e ntlo eo a lulang ho eona e na le kamore tse peli, ' me a ka mo hirisetsa e nngwe ea tsona .
MOLAHLEI
( karolo ya borobeli)
o iketselitse moalo oa meutlwa. Ka tsatsi leo, a qala ho tswa ka tlung, a leka ho batla mosebetsi. Mantsiboya, ha a fihla a fumana liaparo tse ling tsa hae tseo a li reketsweng ke mosali li le sieo.
Ha a re oa botsa, mosali ho eena ka bohale halahahla: " Papatlele tooe, hleka ba u loile ka nna? U mpotsa liaparo tsa hao, u n'u ile ua li siya le nna? Ha u e'o botsa matekatse ao esaleng u ea ho ona? Ke boetse ke molebeli oa aparo tsa hao? Khale ke u rerisitse h**e u ntswele ntlo, la hosasa ha le ka u likella mona ke tla u tshwarisa."
Bosiung boo Molahlei a lala a sa robala, hloho e opa ke ho nahana. A ba a kenoa ke mohopolo oa h**e a bolae mosali; empa a inyatsa. Eare ha bo re tshekhe, mofumahali a mo tlamela thotonyana ea hae ka tuku, a mo ntsha ka khoro. Likobo tsa Molahlei, tseo a neng a fihle ka tsona, li ne se li tabohile, hammoho le liaparo tsa hae tse ngata.
Mofumahali a nka tsohle tse ncha, a re ke tsa chelete ea hae; le lekase la Molahlei la liphahlo a hana ka lona, a re a tsamaye a le jwalo, matekatse a hae a tla mo rekela tse ncha Eitse ha a etsoa ka heke, mosali a mofehetsa ka mantswe a reng : " Ha eno, ha e otle, u jeloe ke kea-rata !" Molahlei a tsamaye a swabile, maoto a mo imela; le ho hetla a se a sa hetle , a lla ka pelo meokho e sa tswe.
Pls like follow n comment for more 💕
MOLAHLEI
( karolo ya bone)
Ba lutseng fatshe ba hlokoleha, ba oma ka lihloho ; ba tila ka lirethe, ba bang ba bahlankana ba ba ba ema, ha mpa ha bonahala h**e baroetsana ba nkilwe kaofela. Molahlei a bona ntho e ntle, empa haholo a khahlwa ke likharebe. A bona e le tse ntle tse butswitseng, li ila tsatsi tsa tshomong, tsee ho bonahalang h**e li tlola mafura e fetolang ' mala.
Litlolo le liaparo ke ntho tseo baroetsana ba tshwasang bahlankana ka tsona , jwale ka motho ha a tshwasa hlapi ka lijo;
le hona baroetsana ba hlile ba bona kapele ha mohlankana a ena le litaba lebona.
Pina ha e fela, Molahlei a thalatsa ka mahlo ho bona thope eo a ka buang le eona, empa a e hloka. Ho tjekiloe, ha tjekoa Molahlei a ntse a lutse hona mola, a lebeletse ha ngoale e khiba.
Khabareng e mong oa baroetsana a tla ho eena, a mo kopa h**e ba tjeke. Molahlei a itatola h**e ha a tsebe ho tjeka. Eaba moroetsana o lula fatshe, ba qoqa. Ha motjeko o fela Molahlei le thope ba tsamaya ' moho, ho ea moo thope a lulang teng. E bile Molahlei o se a nyetse ho felile.
Pls like n comment , karolo engwe yatla 💕
Click here to claim your Sponsored Listing.