Breed Winners
•
Tsena li etsahala hang ha Thabo a qeta ho furalla motse ona oo a neng a le ho ona. Banna ba bang ba motse o pejana, ba ile ba ukoa molumo oa sethunya. Ba potlaka hoea bona na ho etsahetseng, Silase le bo mphato ba hlokomela h**e ba ka nna ba tshoaroa, eaba ha ba sa tsamaea, ba se ba ema.
Banna bana ha ba fihla Silase a hlalosa.
“Ha re feta koloi ena e ne e eme, ho utloahala banna ba bontshang ba qhoebeshana ka ha re le pejana, ra utloa sethunya se se se khabola.” Silase a hlalosa.
Sepolesa se haufi sa tsebisoa, 'me sa potlaka, Silase a nna a tsoela pele ka ho hlalosa litaba tsa hae, sepolesa sa fasa Thabo, ba nka setopo mmoho le koloi ba ikela ka tsona, ba laela h**e Silase le banna ba boneng ketso ena hae etsahala ba se sekolise, ha nako ea nyeoe e fihla, ba tla latoa ba ilo hlalosetsa lekhotla, Thabo a tsebe ho akheloa ka banneng.
Mapolesa ana ha a ka a batla le tlhaloso ea Thabo, ba mo nkile, ha ba fihlang mo ba eang, ba mo batla sethunya seo a thuntseng monna enoa ka sona, Thabo a ba joetsa h**e ha a na sethunya. Khele! eaka a keke a cho joalo, banna ba kakata ngoana motho, ba mo otla joalo ka ntja e setseng moketeng, ba mo otla ba mo hatikela le ka lirifi tsena hofihlela a tswa mali ka linkong le ka hanong.
•
Silase o na lebetse Thabo, a sa bone hohang na ke mang, a bona ele monna a atlehileng ale monyane, a ba a ukoa a rata h**e a ka theha setswalle leena. Joale eitse ha Thabo a lumelisa Silase, a thaba haholo ha a bona Thabo a mo qolla ka hara batho bana.
“Hela mohlomphehi, ho ea joang moholo, nna lebitso laka ke Silase.” Ho rialo Silase.
“Nna lebitso laka ke Thabo, emong oa bara ba hau. Motho eo u ntso mo tseba ke nahana ke 'm'e, 'Mathabo.” Ho rialo Thabo.
“Mang? Thabo ke mang? Nna hake ukoe na u buoa kang.” Silase a qala ho tshoha.
Kapele pele a sutha pela Thabo, a ba a baleha moo. A potlakela hae, ha a fihla a joetsa baholoane ba hae ka se mo etsahetseng.
“He monna akere re ile ra re a chesoe, na u bone ena?” Emong a botsa.
“U tlile honna a ntshoara ka letsoho, ehlile keena.”
Emong a ba joetsa h**e haele moo a ntsa hopola litaba tse etsahetseng khale koa, ho tla hlokahala ba mo tlose kapele. Ba hla ba rera hoea lalla koloi ena tseleng, bae thunye, ba nto mo thunya leena.
Ba fetse ba e emela tseleng, hae hlaha bae thunya, moqhobi ae emisa, ba re ba thunya Thabo, athe ka bomalimabe ba tla thunya monna enoa eo Thabo a neng a ntse a tsamaea leena a be a lahleheloe ke bophelo.
•
Bohle ba keteka ha monate bo tshabehang, mokete oa feta, mosebetsi oa hlaha oa ho kotula poone masimong. Ha ba qeta ho kotula, bo 'm'e ba kena ho eona ka majoe, ba e khothola.
Le pele ba qeta 'Malisebo nako ea hae ea h**e ebe o mosebetsing ea fihla, Thabo a lokela ho mo khannela, a mo ise Maseru. Ho qoba litshenyehelo, ba hla ba theoha kaofela le bananyana.
Mona moo 'Malisebo a neng a lula teng, ba ne ba ile ba haha, ele h**e ene ele ha hae. Thabo ha a ntse a ea moo a mo chakela, o na atisa ho lema, a lema meroho ka mefuta ea ona, litamati le tse ling. Ele h**e lijo tsena tseo ho thoeng ke lithibela mafu( Vegetables) haeba hake fose.
A ntsaea sekolong joalo, a qala ho rekisetsa likhoebo tse nyane, le mane sekolong ba ne ba reka moroho ho ena. Likhoebo tsena tse kholo tsa mo ngolla mangolo, ba mo joetsa h**e a hla leme haholo, lemo se tlang ba batla lihlaisoa tsa hae.
Thabo a rera ho tlosa lijalo tsohle, a tlo li lema bocha, monna emong a mo eletsa h**e a ke a ilo phallela malapa a sokolang mahaeng koana. Monna enoa a re o tla fana ka teraka e tla thotha. Ba fetse ba li tlosa, tsa tsamaea, ba tlohile kameso, ba ea fihla moo ba eang motsheare o moholo, Thabo ha a hloelisa ka fensetere a bona h**e motse ona oa o tseba, a sheba, a bonah**e o holetse mona. Eare ha a tswa ka koloing , a thola sechaba se se se mo emetse, hara bona a bona Silase, monna oa ho bolaea 'mae a mo shebile, Thabo a toba ho ena, ha a fihla a mo tshoara ka letsoho.
“Lumela ntate.” Ke Thabo eo
•
Thabo a tlohela litaba tsena tsa bo ausi bana, a re a ka tsepamise maikutlo a hae holima lithuto tsa hae etswe sekolo sene se mo tshepile. Ba ngotse, ba qeta, eaba ba emela 'Malisebo ba tsebe ho nyoloha 'moho.
'Malisebo leena a koala mosebetsing, ba kena tseleng le bana hoea hae. Kaha Thabo o ne a se a ena le lengolo la ho qhoba, joale ele ena a ba khannelang hoea hae. Hae koana ho no se ngoane motle, mokete ele o moholo, ba ha Mohale ba leboha Molimo le balimo ka ho khutlisa ngoana bona ka mora lilemo tse ngata.
Tello moholoane oa Mohale a ba teng etswe khale a sa kopane le Thabo.
“More, hojoang?” Ke Tello eo.
“Ho monate ho joang ntate.” Thabo a araba a thabile haholo. Ha ntse ba eme joalo Lisebo le Lineo batswa joale ba bile ba apere liphahlo tse tshoanang, Tello a ferekana na joale Lisebo ke ofeng, Lineo ke ofeng.
“He monna, joale Lineo ke ofeng?” A botsa a hoeshetsa.
“Mo hoelehetsa o tla hetla.” Ke Thabo eo.
“Helang Lisebo.” Tello a hoelehetsa, barali ba hetla ba le babeli, Thabo tsheha, a ba furalla.
“Seka nlekang lona tlohong koano.” Ke Tello eo, ba atamela.
“Lumela rangoane.” Ba buoela hong.
“Lumelang bana baka, Lineo ke ofeng?”
“Ke nna ntate.” A araba.
“Tseba h**e rea u amohela ka hara lelapa lena la ha Mohale, le ithute Maseru moo le tlohele bashanyana.” Ke Tello eo.
“Rangoane, ele h**e hau batle ha re nyaloa?” Lisebo a botsa.
“Lenyalo halena thuso bana baka.”
“Abuti Thabo ena o tlo nyala?” Lineo abotsa.
“Thabo ena o tla nyala, a kere che ke monna.”
“U tla inyalla nna.” Ho rialo Lisebo a tsamaea.
“Nna ke tla ba moqekoa.” Ke Lineo leena a furalla.
“Hoethoeng moo joale?” Tello a ipotsa.
•
'Malisebo esale a qetela Mohale ha a tswa ka li shoalane, ha a ka a tseba mo a liketseng teng. Hoseng 'Malisebo a laela Lineo h**e a eme hanyane hoea sekolong, o tla ea ha ba na le bonnete ba h**e o bolokehile.
Ha ntse ba lutse joalo, ba nahana na ba tla tswa ka lefe lekhalo, hoa fihla molaetsa, eka ho na le monna ea bonahalang a oele selomong, selomo sena se ne se tshabeha haholo, ba hlalosang ba re monyetla oa h**e oa phela oa fokola.
'Malisebo le Lineo ba ea inoesa ka nkho, ba re ba bone esebe ke Thabo. Ha ba fihla ba thola ele Mohale, batho ba eme batlo-tlo-sia, hose ea theohelang fatshe hoea thusana. Ache 'Malisebo a sitoa ho itshoara hlohong, a re eseng ka monna oa hae, a theoha hoea mo lata.
A thola h**e o ntsa phela, a mo hula le morali oa hae Lineo ba mo nyollela kaholimo. Ba kena koloing ba ea sepetlele. Ache o na sa lemala hampe, ba mo sia kaha sepolesa se ne se ntse se mo batla, eka hona le monna ea tshoeroeng ka bana ba bangata ba ntseng ba batloa, Lisebo o na le teng ka hara bongata bona.
Ha ba qeta ho kopana le Lisebo, ba tsomana le Thabo joale, empa ena ba mo hloka. Ba botsa sepolesa h**e ba bana ba ba feletse, bao ba re ba feletse, haho emong a setseng. 'Malisebo le barali ba ea hae ba hulanya maoto, ba ipotsa na ebe Thabo o ho lefe lefatshe.
Ke rekisa lihlaisoa tsa Botle Buhle🤗🤝
Ke fumeha Roma ha joale, kopa support ea lona Team🤝❤️.Thank you 🕺
Beng baka li post hali hlahe,thusang😓😓😓
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Maseru